Hosea 9:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro.

2. Seotlo le sehatelo sa ole di ke ke tsa ba kgorisa, veine e tla thetsa tebello ya bona.

3. Ba ke ke ba hlola lefatsheng la Jehova; Efraime o tla kgutlela Egepeta, lefatsheng la Assiria ba tla ja tse ditshila.

4. Ha ba sa tla tshella Jehova veine, mahlabelo a bona ha a sa tla mo kgahla, bohobe ba bona bo tla ba ho bona jwaloka bohobe ba bofifi, bohle ba bo jang ba fetohe ditshila, hobane bohobe ba bona e tla ba ba bona feela, bo ke ke ba kena tlung ya Jehova.

5. Le tla etsa jwang ka letsatsi le kgethehileng, ka letsatsi la mokete wa Jehova?

Hosea 9