Hosea 4:14-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.

15. Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!

16. Hobane Iseraele o a ikgantsha, o tshwana le sethole se sa thapeng. Jwale, Jehova o tla ba fudisa, ba be jwaloka konyana feelleng.

17. Efraime o kgomaretse ditshwantsho; mo tlohele!

18. Seno sa bona se nyokotse; ba feba le ho feba; bao e leng thebe tsa bona kannete ba ithatetse tse dihlong.

19. Sefefo se ya ba nka mapheong a sona; ba tla hlajwa ke dihlong ka baka la mahlabelo a bona.

Hosea 4