1. Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena.
2. Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona.
3. Le ho dinonyana tsa lehodimo o nke ka supa, e tona le e tshehadi, ho pholosetsa lefatshe lohle mefuta ya tsona.
4. Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.
5. Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.