Genese 5:4-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi.

5. Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa.

6. Setha a phela dilemo tse lekgolo le metso e mehlano; a tswala Enose.

7. Eitse hobane Setha a tswale Enose, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi le metso e supileng; a tswala bara le baradi.

8. Ditshiu tsohle tsa Setha e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a leshome le metso e mmedi; mme a shwa.

9. Enose a phela dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, mme a tswala Kenane.

10. Eitse Enose ha a tswetse Kenane, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi a leshome le metso e mehlano; a tswala bara le baradi.

11. Ditshiu tsohle tsa Enose ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.

12. Kenane a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Mahalaleele.

13. Kenane ha a se a tswetse Mahalaleele, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mane; mme a tswala bara le baradi.

14. Ditshiu tsohle tsa Kenane ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong le leshome le le leng; mme a shwa.

15. Mahalaleele a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Jerede.

16. Eitse Mahalaleele ha a tswetse Jerede, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mararo; mme a tswala bara le baradi.

17. Ditshiu tsohle tsa Mahalaleele ya eba dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.

18. Eitse Jerede ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi, a tswala Henoke.

19. Jerede eitse hobane a tswale Henoke, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; mme a tswala bara le baradi.

20. Ditshiu tsohle tsa Jerede ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e mmedi; mme a shwa.

21. Henoke a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Methusela.

22. Henoke ha a tswetse Methusela, a tsamaya le Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo; mme a tswala bara le baradi.

Genese 5