Genese 42:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba banababo Josefa ba leshome ba theoha ho ya reka koro Egepeta.

4. Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.

5. Yaba bara ba Iseraele ba ya reka, ba na le ba bang ba yang teng, hobane tlala e ne e le teng naheng ya Kanana.

6. Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.

7. Josefa a bona banababo, a ba tseba, empa a iketsa motho ya sa ba tsebeng; a bua le bona ka matla, a re ho bona: Le tswa kae? Ba re: Re tswa naheng ya Kanana; re tlile ho reka dijo.

8. Josefa a tseba banababo, empa bona ha ba ka ba mo tseba.

9. Yaba Josefa o hopola ditoro tseo a neng a di lorile hodima bona, a re ho bona: Le dihlwela, le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.

10. Ba re ho yena: Tjhe, morena, re bahlanka ba hao ba tlileng ho reka dijo.

11. Kaofela ha rona re bara ba monna a le mong, re batho ba sebele, bahlanka ba hao, ha re dihlwela.

12. A re ho bona: Tjhe bo, le mpa le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.

Genese 42