22. Ho loreng ha ka ka bona diqwapi tse supileng di medile lehlakeng le le leng, di nonne, di le ntle.
23. Ka ba ka bona diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse otileng, tse tjheleng ke moya wa botjihabela, di etswa kamora tseo;
24. mme diqwapi tse otileng tsa metsa diqwapi tse supileng tse ntle. Ke boleletse dinohe, empa ha ho motho ya mphuthollelang.
25. Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.
26. Dikgomo tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng, le diqwapi tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng. Ke toro e le nngwe.
27. Dikgomo tse supileng tse otileng, tse mpe, tse tswileng kamora tseo, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala.
28. Ke yona taba eo ke e boleletseng Faro: Seo Modimo o tlang ho se etsa o se bontshitse Faro.
29. Bona, ho tla dilemo tse supileng tsa nala e kgolo naheng yohle ya Egepeta;
30. mme ho tla hlaha dilemo tse supileng tsa tlala kamora tsona, mme nala kaofela e tla lebalwa lefatsheng la Egepeta, tlala e qete naha.
31. Ha ho ka ke ha bonahala hoba nala e bile teng naheng ena ka baka la tlala eo e hlahlamang, hobane e tla ba tlala e kgolo haholo.
32. Ha toro e kile ya phetelwa Faro habedi, ke ho re, ke taba e tiisitsweng ke Modimo, mme Modimo o tla phakisa o e phethe.
33. Jwale, Faro a ke a bone motho ya masene, ya bohlale, mme a mmee hodima naha ya Egepeta.
34. Faro a ke a etse, a bee bahlahlobi naheng yohle, mme a nke karolo ya bohlano ya tse mediswang naheng ya Egepeta dilemong tse supileng tsa nala;
35. ba bokelle dijo tsohle tsa dilemo tseo tse ntle tse tlang, ba bee koro matleng a Faro, ba boloke dijo metseng.
36. Dijo tseo e tla ba nyase ya naha ka dilemo tse supileng tsa tlala tse tlang ho ba teng naheng ya Egepeta, naha e tle e se ke ya eshwa ke tlala.
37. Taba ena ya kgahlisa Faro le bahlanka ba hae kaofela.
38. Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?