Genese 41:21-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Eitse hoba di di metse, ha di a ka tsa bonahala hoba di di kwentse kahare, tsa mpa tsa sala di le mpe ho tadingweng jwaloka pele. Yaba ke a phaphama.

22. Ho loreng ha ka ka bona diqwapi tse supileng di medile lehlakeng le le leng, di nonne, di le ntle.

23. Ka ba ka bona diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse otileng, tse tjheleng ke moya wa botjihabela, di etswa kamora tseo;

24. mme diqwapi tse otileng tsa metsa diqwapi tse supileng tse ntle. Ke boleletse dinohe, empa ha ho motho ya mphuthollelang.

25. Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.

Genese 41