Genese 39:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Jehova a ba le Josefa, ya eba motho ya lehlohonolo, mme a dula ka tlung ya monga hae Moegepeta.

3. Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.

4. Josefa a fumana mohau mahlong a hae, a mo sebeletsa, monga hae a mmea hore e be molaodi wa ntlo ya hae, mme tsohle tseo a nang le tsona a di bea letsohong la hae.

5. Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng.

6. Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle.

7. Kamora ditaba tsena, mosadi wa mong a Josefa a isa mahlo ho yena, a re: Robala le nna!

8. Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;

9. ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?

10. Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.

11. Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ho se le a mong wa batho ba ntlo teng ka tlung,

12. a mo tshwara ka kobo, a re ho yena: Robala le nna! Yaba o siya kobo ya hae matsohong a hae, a baleha, a tswela ntle.

13. Eitse ha a bona hoba o siile kobo ya hae matsohong a hae, a balehile,

Genese 39