Genese 35:25-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Bara ba Bilha, lekgabunyane le Ragele, ke Dane, le Nefthali.

26. Bara ba Silpa, lekgabunyane la Lea, ke Gade, le Asere. Ke bona bara ba Jakobo bao a ba tswaletsweng Paddan-Arame.

27. Jakobo a fihla ho Isaaka, ntatae, Mamre, motseng wa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, moo boAbrahama le Isaaka ba kileng ba ahella teng.

28. Ditshiu tsa Isaaka ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi.

29. Yaba Isaaka o neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi; mme Esau le Jakobo, bara ba hae, ba mo epela.

Genese 35