3. A re: Lekgabunyane la me, Bilha, ke lena; eya ho lona, le tle le tswale bana mangoleng a me, mme ke bone bara ka lona.
4. A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena.
5. Bilha a emola, a tswalla Jakobo mora.
6. Yaba Ragele o re: Modimo o nkahloletse, o bile o mametse lentswe la ka, o nneile mora. Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane (moahlodi).
7. Bilha, lekgabunyane la Ragele, a boela a emola, a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
8. Ragele a re: Ke lwanne le moholwane wa me ntwa e kang ya Modimo, ke bile ke mo hlotse. Yaba o mo rea lebitso la Nefthali (ntwa ya ka).
9. Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.
10. Silpa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora.
11. Lea a re: Ke lehlohonolo! Mme a mo rea lebitso la Gade (lehlohonolo).
12. Silpa, lekgabunyane la Lea, a boela a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
13. Lea a re: Ke lehlohonolo, hobane baradi ba batho ba tla mpitsa ya lehlohonolo; mme a mo rea lebitso la Asere (ya lehlohonolo).
14. Yare ha Rubene a ile naheng mohla ho kotulwang koro, a fumana diduda naheng, a di tlisetsa Lea, mmae. Yaba Ragele o re ho Lea: Ako nkarolele diduda tsa mora hao.
15. Lea a re ho yena: Hleka ke ntho e nyenyane ha o nkamohile monna wa me? a o ya nkamoha le diduda tsa mora wa me na? Ragele a re: O tla robala le wena bosiung bona, bakeng sa diduda tsa mora hao.
16. Eitse ha Jakobo a oroha naheng mantsiboya, Lea a tswa, a ya mo kgahlanyetsa, a re: O tla tla ha ka, hobane ke o ananne ruri ka diduda tsa mora wa me. Yaba o robala le yena ka bosiu boo.
17. Jwale Modimo wa utlwa Lea, mme a emola, a tswalla Jakobo mora wa bohlano.
18. Lea a re: Jehova o nneile moputso wa me, kamoo ke neileng monna wa me lekgabunyane la me. A mo rea lebitso la Issaskare (moputso).
19. Lea a boela a emola, a tswalla Jakobo mora wa botshelela.
20. Yaba Lea o re: Modimo o ntshitsitse ka neo e ntle; jwale, monna wa me o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng. Mme a mo rea lebitso la Sabulone (moaho).
21. Kamorao, a tswala moradi, a mo rea lebitso la Dina.