Genese 3:19-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.

20. Yaba Adama o rea mosadi wa hae Eva, kahobane e le mma ba utlwang bohle.

21. Jehova Modimo a etsetsa Adama le mosadi wa hae dikobo tsa matlalo, mme a ba apesa tsona.

22. Yaba Jehova Modimo o re: Bonang, motho o fetohile a be jwaloka e mong wa rona, o tseba botle le bobe; mme jwale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le ditholwana tsa sefate sa bophelo, a di ja, mme a phela kamehla.

23. Jehova Modimo a mo leleka tshimong ya Edene, a tle a ye ho lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.

24. A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.

Genese 3