Genese 24:21-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Monna eo a nna a mmoha a ikgutseditse, hore a tle a tsebe hore a Jehova o mo atliseditse leeto la hae na, kapa tjhe.

22. Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,

23. a re: O moradi wa mang? Ako mpolelle! Hleka sebaka se teng ka tlung ya ntatao moo re ka hlolang bosiu teng?

24. Yaba o re ho yena: Ke moradi wa Bethuele, mora wa Milka, eo a mo tswaletseng Nakore.

25. A ba a re ho yena: Re na le mooko, le furu e ngata ho rona, le sebaka moo ho ka robalwang teng.

26. Yaba monna eo o inama, a kgumamela Jehova,

Genese 24