23. Letsatsi le ne le tjhabela lefatshe, ha Lota a kena Tsoware.
24. Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.
25. A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.
26. Empa mosadi wa Lota a tadima morao, mme a fetoha seemahale sa letswai.
27. Abrahama a tsoha e sa le hosasa, a ya nqalong moo a neng a eme teng pela sefahleho sa Jehova.
28. A isa mahlo nqa Sodoma le Gomora, le nqa naheng yohle ya lehwatata, a tadima, mme bonang, mosi wa naha eo o ne o nyoloha jwaloka mosi wa sebopi.
29. E ne eitse ha Modimo o timeletsa metse ya lehwatata, Modimo wa hopola Abrahama, mme wa phonyosa Lota tshenyong eo o sentseng ka yona metse eo Lota a neng a ahile ho yona.
30. Lota a tloha Tsoware, a ya aha thabeng, a ena le baradi ba hae ba babedi; hobane o ne a tshaba ho dula Tsoware. A aha lehaheng, yena le baradi ba hae ba babedi.