1. Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;
2. mme ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, ke o atise haholoholo.
3. Yaba Abrame o wa ka sefahleho, mme Modimo wa nna wa bua le yena, wa re:
4. Haele nna, bona, selekane sa ka se ho wena, mme o tla ba ntata letshwele la ditjhaba.
5. Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Abrame (ntate ya phahameng), empa lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane, ke o beile hore o be raditjhabatjhaba.
6. Ke tla o atisetsa bana haholoholo, ke o etse ditjhaba, mme marena a tswe ho wena.
7. Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.