Genese 15:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.

2. Abrame a re: Morena Jehova, o tla nneang, ha e le mona ke ikela ke se na bana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Modamaseka eo Eliesere?

3. Abrame a ba a re: Bona, ha o a nnea lesika, mme jwale ya tswaletsweng tlung ya ka e tla ba mojalefa wa ka.

4. Yaba ke moo lentswe la Jehova le fihlang ho yena, la re: Enwa a ke ke a ja lefa la hao, empa ya tlang ho tswa lethekeng la hao, ke yena ya tlang ho ja lefa la hao.

Genese 15