Filemone 1:20-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste.

21. Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.

22. Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.

23. Epafrase, ya tlamilweng le nna ka baka la Jesu Kreste, o a o dumedisa;

24. o na le Mareka, le Aristarke, le Demase, le Luka, basebedisi ba ka.

25. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le meya ya lona! Amen!

Filemone 1