Esthere 7:4-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.

5. Yaba morena Assueruse o araba, a re ho mofumahadi Esthere: Ya betileng pelo ho etsa jwalo, ke mang? o kae?

6. Esthere a re: Motshwenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enwa! Jwale Hamane a tshoha haholo pela morena le mofumahadi.

7. Yaba morena, kgalefong ya hae, o tloha dijong, a ikela tshimong ya ntlo ya borena; Hamane yena a mpa a ema moo, a tle a rapelle bophelo ba hae ho mofumahadi Esthere hobane o ne a bontshisitse hoba lefu la hae le se le rerilwe ke morena.

8. Morena a kgutla tshimong ya ntlo ya borena, a boela tlung moo ho neng ho nowa veine. Athe Hamane o ne a itihetse malaong ao Esthere a sekameng ho wona. Morena a re: Na ke ho re, o ya tsohela mofumahadi matla hona pela ka, tlung ya ka na?Taba eo yare e sa tswa molomong wa morena, ha kgurumetswa sefahleho sa Hamane.

Esthere 7