5. Monna wa Mojuda o ne a le teng Susane, motse wa moreneng, ya bitswang Mordekai, mora Jaire, mora Shimei, mora Kishe, Mobenjamine.
6. O ne a nkilwe Jerusalema, a isitswe kgolehong hammoho le Jekonia, morena wa Juda, ya neng a isitswe kgolehong ke Nebukadnesare, morena wa Babilona.
7. O ne a ntse a hodisa Hadassa, kapa Esthere, moradi wa malomae, etswe a ne a se na ntatae le mmae; morwetsana eo o ne a le motle, a boheha; mohla ho shwang ntatae le mmae, Mordekai o ne a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae.
8. Eitse hobane lentswe la morena le taelo ya di tsejwe, ha barwetsana ba bangata ba se ba bokelletswe Susane, motse wa moreneng, kalosong ya Hegai, le yena Esthere a nkwa, a iswa tlung ya morena, kalosong ya Hegai, modisa wa basadi.
9. Morwetsana a mo kgahla, mme a fumana mohau ho yena; a phakisa a mo nea ditlolo tsa hae le dijo tsa hae, a mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya morena, mme a mo isa, yena le barwetsana ba hae, kamoreng e ntle ho fetisa ya ntlo ya basadi.
10. Empa Esthere o ne a sa ka a tsebisa Hegai mofuta wa habo, leha e le ho tswalwa ha hae, kahobane Mordekai o ne a mo laetse hore a se ke a itsebisa.
11. Ka tsatsi le leng le le leng, Mordekai o ne a itsamaela pela lebala la ntlo ya basadi, a tle a tsebe kamoo Esthere a dutseng kateng, le se tla mo hlahela.
12. Enere ha ho fihla nako ya morwetsana e mong le e mong ya ho kena ho morena Assueruse, ha ba se ba itokisitse ka taelo e laelang tsa basadi ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi, — hobane ditshiu tsa ho itokisa ha bona di fela di ne di dutse jwalo: ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba tlola ole ya mirra, ka kgwedi tse ding tse tsheletseng, ba tlole ditlolo tse nkgang hamonate le tse ding, —