27. Moeding wa Sabulone, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Gade.
28. Moedi wa Gade, ka nqa borwa, katlase, ke wona moedi; ho tloha Thamare, ho ya fihla metsing a Meriba-Kadeshe, moedi wa lefa o tla ya le nokana, o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo.
29. Ke leo lefatshe leo le tla le arola ka lotho, hore e be lefa la meloko ya Iseraele; ke tseo dikarolo tsa yona: ho bolela Morena Jehova.
30. Meedi ya motse ke ena: ka nqa leboya, tekanyo ya teng ke ditswe tse kete tse nne tse nang le makgolo a mahlano.
31. Menyako ya motse e tla reellwa meloko ya Iseraele; ka nqa leboya, ke menyako e meraro; o mong ke monyako wa Rubene, o mong ke monyako wa Juda, o mong ke monyako wa Levi.
32. Ka nqa botjhabela, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng, ho na le menyako e meraro; o mong ke monyako wa Josefa, o mong ke monyako wa Benjamine, o mong ke monyako wa Dane.
33. Ka nqa borwa, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng ho na le menyako e meraro; o mong ke monyako wa Simeone, o mong ke monyako wa Issaskare, o mong ke monyako wa Sabulone.
34. Ka nqa bophirimela, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng ho na le menyako e meraro; monyako o mong ke wa Gade, monyako o mong ke wa Asere, monyako o mong ke wa Nefthali.
35. Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).