Esekiele 47:21-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Le tla arolelana lefatshe leo ka ho ya ka meloko ya Iseraele.

22. Le tla le laola ka lotho ho iketsetsa dikoto tseo e tla ba mafa a lona, le a baditjhaba ba ahileng hara lona, e leng baditjhaba ba tswetseng bana ha eno; ho lona ba tla ba jwaloka batala baneng ba Iseraele; ba tla laolelwa lefa la bona hara meloko ya Iseraele ka lotho hammoho le lona.

23. Lelokong leo motho wa moditjhaba a ahileng ho lona, le tla mo nea lefa la hae hona teng: ho bolela Morena Jehova.

Esekiele 47