7. Mme tsela e pela dikamore e ne e le sephara hodimo, hobane dikamore tse mahlakoreng di ne di ena le tsela e sikang le ntlo, pela dikamore tsohle; jwale sebaka seo sa tsela se ne se le sephara hodimo, se le sesesane tlase, mme hare se lekane.
8. Mme ka bona hobane ntlo yohle e ne e eme phahameng; metheo ya dikamore tse mahlakoreng e ne e etsa thupa e tletseng, e le ditswe tse tsheletseng.
9. Bophara ba lerako la dikamore tse mahlakoreng, kantle, bo ne bo le tswe tse hlano, ho ntoo ba setupu sa dikamore tse mahlakoreng a ntlo.
10. Mme ho isa dikamoreng tse ding ho ne ho le sebaka se feela se tswe tse mashome a mabedi ho sika le ntlo yohle.
11. Monyako wa dikamore tse mahlakoreng o ne o bulehela setupung, o mong monyako e lebile ka nqa leboya, o mong monyako o lebile ka nqa borwa; bophara ba setupu bo ne bo le tswe tse hlano kahohle.
12. Mme moaho o neng o le pela sebaka se feela ka nqa bophirimela, o ne o le bophara bo tswe tse mashome a supileng; lerako la moaho oo le ne le le bophara bo tswe tse hlano kahohle, bolelele bo le tswe tse mashome a robileng mono o le mong.