Esekiele 40:35-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Yaba o nkenya ka monyako wa leboya, a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo.

36. Difensetere di le teng monyakong oo kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

37. Ditshiya tsa wona di lebile nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona ka nqa tse pedi, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.

38. Kamore e ne e le teng eo ho neng ho kenwa ho yona dipakeng tsa ditshiya tsa menyako; ke hona moo ho neng ho hlatsuwa ditjheso.

39. Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato.

40. Kathoko, kantle, ka nqa leboya ho moo ho neng ho nyolohelwa teng monyakong, ho ne ho le tafole tse pedi; kahosele, maloka le mathule a monyako, ho le tafole tse ding tse pedi.

41. Ha ho le jwalo, ho ne ho le tafole tse nne ka kwano le tafole tse nne ka kwana, kathoko ho monyako: e le tafole tse robileng meno e le mmedi tsa ho hlabela.

42. Hape, ho le tafole tse nne tsa ditjheso, tsa majwe a betlilweng, tse bolelele bo tswe se nang le halofo, le bophara bo tswe se nang le halofo, le bophahamo bo tswe se le seng, tseo ho bewang hodima tsona msebetsi ya ho hlaba ditjheso le mahlabelo.

43. Haele mautlana, a leng bolelele ba boahlamo ba seatla, a ne a kgokgothetswe leboteng kahohle, ka nqa tsohle; ditafoleng ho ne ho bewa dinama tsa mahlabelo.

44. Kantle ho monyako o kahare, ho ne ho na le dikamore tsa dibini, lebaleng le kahare; e nngwe e ne e le kathoko ho monyako wa leboya, e tadimile nqa borwa; e nngwe e le kathoko ho monyako wa botjhabela, e tadimile nqa leboya.

45. Yaba o re ho nna: Kamore eo e tadimileng nqa borwa ke ya baprista ba lebelang ntho tsa ntlo;

46. haele kamore e tadimileng nqa leboya ke ya baprista ba lebelang dintho tsa aletare. Ke bara ba Tsadoke, e leng bao hara bara ba Levi ba atamelang Jehova ho etsa tshebeletso ya hae.

47. A ntoo lekanya lebala le bolelele bo ditswe tse lekgolo, le bophara bo ditswe tse lekgolo, ho lekane mahlakoreng wohle; aletare yona e le pela ntlo.

48. Yaba o nkenya mathuleng a ntlo; mme a lekanya ditshiya tsa mathule, ho na le tswe tse hlano ka kwano le tswe tse hlano ka kwana; a lekanya le bophara ba monyako, ya eba ditswe tse tharo ka kwano le ditswe tse tharo ka kwana;

49. bolelele ba mathule ya eba tswe tse mashome a mabedi, le bophara ya eba tswe tse leshome le metso e mmedi; ho ne ho nyolohelwa teng ka methati e leshome; ho na le ditshiya teng pela ditshiya tse ding, e nngwe ka kwano, e nngwe ka kwana.

Esekiele 40