Esekiele 39:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mora motho, porofetela Gogo, o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, Mesheke le Tubale.

2. Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle pheletsong ya leboya, ke o tlise ho lwantsha dithaba tsa Iseraele.

3. Ke tla phamole seqha sa hao letsohong la hao le letshehadi, ke dihe metsu ya hao letsohong la hao le letona.

4. O tla wela dithabeng tsa Iseraele, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse leng ho wena. Ke tla o neela manong le tsohle tse fofang le diphoofolo tsa naha, ho ba dijo tsa tsona.

Esekiele 39