Esekiele 37:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.

10. Yaba ke porofeta kamoo a ntaetseng kateng, mme moya wa kena ho tsona; tsa phela, tsa ba tsa ema ka maoto, e le sera se seholo haholoholo.

11. Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.

12. Ha ho le jwalo, o porofete, o re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla phetla mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, ke le busetse naheng ya Iseraele.

13. Etlare hobane ke phetle mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hoba ke nna Jehova.

14. Mme ke tla kenya moya wa ka ho lona, le tle ke phele: ke tla le busetsa naheng ya lona, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ke boletseng hoo, ke ho etsang: ho rialo Jehova.

15. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

16. Haele wena, mora motho, o inkele sefate, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le yena. O boele o nke sefate se seng, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ya Iseraele ba kopaneng le yena.

Esekiele 37