8. Ka re ke ntse ke tadimile, ka bona ho hlaha mesifa ho wona, le yona nama ya mela, mme letlalo la kwahela hohle, ho mpa ho se moya ho wona.
9. Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.
10. Yaba ke porofeta kamoo a ntaetseng kateng, mme moya wa kena ho tsona; tsa phela, tsa ba tsa ema ka maoto, e le sera se seholo haholoholo.
11. Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.
12. Ha ho le jwalo, o porofete, o re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla phetla mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, ke le busetse naheng ya Iseraele.
13. Etlare hobane ke phetle mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hoba ke nna Jehova.