Esekiele 37:26-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.

27. Tabernakele ya ka e tla ba hodima bona, mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.

28. Ke hona ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova ya halaletsang Iseraele, ha di bona sehalalelo sa ka se le hara bona ka ho sa feleng.

Esekiele 37