Esekiele 37:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Letsoho la Jehova la eba teng ho nna, mme Jehova a ntlosa ka moya, a mpea hara thota, mme e ne e tletse masapo.

2. A mpotisa wona ka nqa tsohle, mme ka bona hoba a mangata haholo hodima thota; hape, ka bona hoba a omeletse haholo.

3. Yaba o re ho nna: Mora motho, na masapo ao a ka tsoha na? Ka re: Morena Jehova, ho tseba wena.

4. A re ho nna: Porofetela masapo ao, o re ho wona: Oho, masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Jehova!

5. Morena Jehova o re ho masapo ao: Bonang, ke tla kenya moya ka ho lona, le tle le tsohe;

Esekiele 37