15. Dinku tsa ka di tla diswa ke nna, ke nna ke tla di bothisa: ho rialo Morena Jehova.
16. Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.
17. Ha ho le jwalo, oho lona dinku tsa ka, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe, le mahareng a kgatala le pheleu.
18. Na ho lona ke ntho e nyenyane ha le fula makgulong ana a matle, haele moo le hata jwang bo setseng ka maoto a lona, leha le enwa metsi a hlwekileng, haele moo le duka a setseng ka maoto a lona na?
19. Ebe dinku tsa ka di tshwanetse ho fula moo le hatileng ka maoto a lona, le ho nwa metsi ao maoto a lona a a dukileng!
20. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re ho tsona: Bonang, ke nna enwa. Ke tla etsa kahlolo mahareng a nku e nonneng le nku e otileng.
21. Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,
22. ke tla pholosa dinku tsa ka, di ke ke tsa nna tsa rusollwa; ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe.
23. Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.
24. Nna, ke le Jehova, ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena hara tsona. Ke nna Jehova ke boletseng tseo.
25. Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.
26. Bona le ba ka mathoko ho leralla la ka, ke tla ba etsetsa hlohonolofatso; ke tla nesa pula ka nako ya yona; dikgohola di tla ba teng tsa mahlohonolo.
27. Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.
28. Ha ba sa tla rusollwa ke ditjhaba; dilalome tsa naha ha di sa tla ba ja, ba mpa ba tla aha ka boiketlo, ho se e mong ya ba tshosang.
29. Ke tla ba medisetsa ditlama tse ntle, hore ba se ke ba hlola ba qetwa ke tlala naheng ya bona; ha ba sa tla jara sekgobo sa ditjhaba.
30. Mme ba tla tseba hoba nna Jehova, Modimo wa bona, ke na le bona, le hoba bona, e leng ho re setjhaba sa Iseraele, ke setjhaba sa ka: ho rialo Morena Jehova.
31. Haele lona, mohlape wa ka, dinku tsa madiso a ka, le batho; nna, ke Modimo wa lona: ho rialo Morena Jehova.