22. o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, Sidone, ke itlotlise ka wena. Ho tla tsejwa hoba ke nna Jehova, mohla ke mo hlahisetsang dikahlolo, ke iektsang ya kgethehileng ka yena.
23. Ke tla mo neela lefu la sewa le madi diterateng tsa hae; ba bolawang ba tla wa ho yena ka lerumo le tla mo tlela le etswa nqa tsohle, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.
24. Ha ho sa tla ba moutlwa o hlabang, kapa tsenene e bohloko ho ntlo ya Iseraele hara bohle ba e teetseng hare, ba neng ba e nyedisa, ho tle ho tsejwe hobane ke nna Morena Jehova.
25. Morena Jehova o re: Mohla ke bokellang ntlo ya Iseraele ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng hara tsona, ke tla iketsa ya kgethehileng ka bona pela ditjhaba, mme ba tla aha lefatsheng leo ke le neileng mohlanka wa ka, Jakobo.