Esekiele 24:2-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Mora motho, ingolle lebitso la letsatsi lona lena: kajeno lena, morena wa Babilona o patela Jerusalema.

3. O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.

4. O tle o kgabele disuma tsa nama ho yona, e leng dikoto tsohle tse monate, serope le letsoho; e tlatse masapo a moko.

5. Ho kgethwe ho dinku tse ntle, ho bewe qubu ya patsi tlasa yona ho apela masapo; a e ke e bele le ho tsapola, le wona masapo a ke a apehwe.

6. Ho jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse oa madi! ke pitsa e mafome, eo mafome a yona a sa tloheng. E tshole ka disuma tsa yona; ho se ke ha laolwa.

7. Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.

8. Ka hore kgalefo e nyolohe, hore ke iphetetse ho wona, ke kahoo ke beileng madi a wona lefikeng le hlobotseng, hore a se ke a apeswa.

9. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse wa madi! Le nna ke tla etsa qubu ya patsi.

10. Patsi a e be ngata, mollo o beswe, dinama di apehwe, o fudue moro, masapo a tjheswe.

11. O ntoo e tlhatleha e le feela mashaleng a hlenneng, hore e ke e futhumale, koporo ya yona e tjhe; ditshila tsa yona di ke di qhibidihe kahare ho yona, mafome a yona a tjheswe.

12. E hohletswe haholo; leha ho le jwalo, mafome a yona ha a tlohe; mafome a yona a hlola mollo.

13. Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.

14. Nna, Jehova, ke boletse; taba tseo di a tla, ke tla di etsa le hona; nke ke ka latola molato, leha e le ho qenehela, mme nke ke ka sutha. O tla ahlolwa ka metsamao ya hao le ka diketso tsa hao: ho rialo Morena Jehova.

15. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

16. Mora motho, bona, ka lefu le sehlooho ke tla o amoha se ratwang ke mahlo a hao. O se ke wa lla, leha e le ho bokolla, meokgo ya hao e se ke ya keleketla.

17. O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.

Esekiele 24