Esekiele 24:19-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Setjhaba sa re ho nna: Na o ke ke wa re qaqisetsa seo taba tseo di re tshwantshetsang sona na, ha o etsa tse jwalo?

20. Yaba ke re ho bona: Lentswe la Jehova le ntletse, la re:

21. Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.

22. Le tla etsa jwalokaha ke entse; le ke ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja bohobe ba bofifi.

23. Le tla dula, le rwetse meqhaka ya lona dihloohong, le rwetse dieta tsa lona maotong, le ke ke la lla, leha e le ho bokolla, le mpa le tla hopola makgopo a lona, le bobole maloka le banababo lona.

24. Ho lona, Esekiele e tla ba pontsho ya tse tla tla; mohla tseo di hlahang, le tla etsa kahohle kamoo a entseng kateng; le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.

25. Haele wena, mora motho, etlare hobane ke tlose hara bona qhobosheane ya bona, e leng thabo ya boikgohomoso ba bona, le takatso ya mahlo a bona, le hlokomelo ya meya ya bona, ke re, bara ba bona le baradi ba bona;

26. tsatsing leo, ya phonyohang o tla tla ho wena, a o bolelle taba tseo ditsebeng.

27. Tsatsing leo, molomo wa hao o tla bua ha ho fihla ya phonyohileng; o tla bua, ha o sa tla ba semumu, mme ho bona o tla ba pontsho ya tse tla tla, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

Esekiele 24