Esekiele 23:24-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;

25. ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.

26. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba o amohe mekgabo ya hao.

27. Ke tla o lahlisa bohlola ba hao le bootswa ba hao bo nnileng ba eba teng haesale o le Egepeta; ha o sa tla ba lelaletsa mahlo, ha o sa tla elellwa Egepeta.

28. Hobane Morena Jehova o re: Bona, ke tla o neela matsohong a bao o ba hloileng, le matsohong a bao moya wa hao o ba hlobohileng.

29. Ba tla o etsetsa ka hloyo ya bona, ba be ba tlatlape leruo la hao kaofela, mme ba tla o tlohela o le feela, o hlobotse; ka mokgwa o jwalo, bofeela ba bootswa ba hao le ho boka ha hao le bohlola ba hao ba tla apolwa.

30. O tla etswa jwalo, kahobane o entse bohlola le ditjhaba kamoo o itshilafaditseng kateng ka ditshwantsho tsa tsona.

31. O tsamaile tseleng ya ngwaneno, ke hona ke beileng mohope wa hae letsohong la hao.

32. Morena Jehova o re: O tla nwa ka mohope wa ngwaneno, e leng mohope o moholo, o sephara; ka baka la boholo ba wona, o tla fetoha ditsheho le sesomo.

Esekiele 23