Esekiele 22:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.

13. Bona, ke opa ka diatla tsa ka ka baka la leruo leo o le ruang, le ka baka la madi ao o a tshollang, a leng teng ha eno.

14. Na pelo ya hao e tla tiya, kapa a matsoho a hao a be matla ditshiung tseo ke tla sebetsa ka wena na? Ke nna Jehova ke boletseng, ke tla be ke etse.

15. Ke tla o qhalanyetsa ditjhabeng, ke o hasanyetse naheng tse ngata, ke be ke hlakole ditshila tsohle tse ho wena;

16. mme o tla etswa ya ditshila, hae ha hao, pela ditjhaba, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.

17. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

18. Mora motho ba ntlo ya Iseraele ho nna ba fetohile manya; ke koporo feela, le tine, le tshepe, le loto tse seboping; kaofela ha bona ke manya a silefera.

Esekiele 22