Esekiele 21:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.

18. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

19. Oho mora motho, o tle o iketsetse ditsela tse pedi tseo lerumo la morena wa Babilona le tla ya ka tsona; di tswe lefatsheng le le leng tse pedi, o ngole sesupatsela, o se ngole qalong ya tsela ya motse.

20. O etse tsela e nngwe ya lerumo ho ya Rabba wa bana ba Ammone, e nngwe ho ya Jerusalema, motse o matla wa Juda.

21. Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.

22. Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.

23. Haele bona, mahlong a bona, ke bonohe ba lefeela; ke re, ho bona ba neng ba hlapantse le ho ana; empa yena o elellwa bokgopo ba bona, hore ba fele ba tshwarwe.

24. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le nkgopoditse bokgopo ba lona, kamoo ditlolo tsa lona di felang di hlanotswe kateng, hore dibe tsa lona di tle di bonahale diketsong tsohle tsa lona; erekaha le ikgopoditse e le lona, le tla tshwarwa ke letsoho la hae.

25. Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,

26. Morena Jehova o re: Rola moqhaka, o tlose mokgabo wa hao; se leng teng ha se sa tla ba teng; ho phahamiswa se kokobetseng, ho kokobetswa se phahameng.

27. Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.

28. Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.

29. Ha o ntse o batlelwa dipono tsa lefeela, o ntse o etsetswa bonohe ba leshano, le tla o lahlela ditopong tsa ba babe ba bolailweng, bao letsatsi la bona le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella.

Esekiele 21