27. Ha ho le jwalo, mora motho, bolella ba ntlo ya Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tseo bontata lona ba nnyefotseng ka tsona, ha ba tla nketsetsa bolotsana, ke tsena:
28. Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.
29. Ka ba ka re ho bona: Nqalo e phahameng eo le yang ho yona ke efe? Lebitso la teng e ntse e le la nqalo e phahameng le kajeno.
30. Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Haele mona le itshilafatsa ka mekgwa ya bontata lona, mme le feba ka ho ya ka diila tsa bona,
31. mme le tlisa dinyehelo tsa lona, le tjhesa le bara ba lona, le ntse le itshilafatsa ka ditshwantsho tsa lona tsohle ho fihlela la kajeno, hleka nka dumela ho botswa ke lona, ntlo ya Iseraele, na? Ke a phela, ho rialo Morena Jehova, ha ke na ho botswa ke lona.
32. Haele se itlhahisang pelong tsa lona, ha le re: Re tla tshwana le ditjhaba tse ding le meloko ya mafatshe a mang, re sebeletse lehong le lejwe; ha se ka ke sa hlaha.
33. Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: Ke tla rena hodima lona ka letsoho le matla, ka letsoho le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka.
34. Ke tla le ntsha ditjhabeng, mme dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona ke le phuthe ka letsoho le matla, le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka,
35. ke le tlise lefeelleng la ditjhaba, ke tle ke isane nyeweng le lona teng;
36. mme jwalokaha ke ne ke isane nyeweng le bontata lona lefeelleng la naha ya Egepeta, ke tla isana nyeweng le lona jwalo, ho rialo Morena Jehova.
37. Ke tla le fetisa ka tlasa thupa, ke be ke le kenye kanong ya selekane;
38. ke tla kgetha baikgantshi le ba nkganang hara lona, ke tle ke ba ntshe naheng eo ba ahelletseng ho yona; empa ba ke ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.
39. Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.
40. Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.
41. Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba;
42. mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke se ke le buseditse naheng ya Iseraele, lefatsheng leo ke neng ke emiseditse bontata lona letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa lona.