Esekiele 19:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele wena, o tle o etse kodiyamalla ka mahosana a Iseraele,

2. o re: Mmao e ne e le mang? E ne e le tauhadi; e ne e bothile hara ditau, e ne e hodisa bana ba yona hara ditawana.

3. Ya hodisa ngwana e mong wa yona; eo yaba e ba tawana, ya ithuta ho harola thusolelo ya yona, ya eja le batho.

4. Empa ditjhaba tsa utlwa ha e bolelwa, yaba e a tshwaswa lemeneng la tsona, tsa e isa naheng ya Egepeta, di e qebile ka mautlana dinkong.

Esekiele 19