Esekiele 17:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

2. Mora motho, lotha ntlo ya Iseraele, o e tshwantshetse,

3. o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.

4. Yaba e kga lekala le leholo la yona, ya le isa naheng ya bahwebi, ya le bea motseng wa kgwebo.

Esekiele 17