Esekiele 16:20-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,

21. ha o bile wa hlaba bara ba hao, wa ba ntshetsa tsona hore ba tjheswe?

22. Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao.Eitse hobane o qete bobe boo bohle,

23. ho madimabe, ho madimabe wena, ho rialo Morena Jehova!

24. o bile o ikgahetse meaho e didikwadikwe, o iketseditse dinqalo tse diphahameng mapatlelong wohle;

25. wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao makopanong wohle a ditsela, wa senya botle ba hao, wa phetlela bohle ba fetang ka tsela maoto a hao, wa atisa bootswa ba hao.

26. O bokile le bana ba Egepeta ba ahisaneng le wena, ba dinama di tiileng, mme wa atisa bootswa ba hao, hore o tle o nkgalefise.

27. Yaba ke otlollela letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka o neela matleng a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesta, ba neng ba le dihlong ka metsamao ya hao e ditshila.

28. O mpa o sa ka wa kgolwa ke tseo, wa boela wa boka le bana ba Assiria; le teng, leha o ba bokile, ha o a ka wa kgolwa.

29. Wa ba wa atisa bootswa ba hao naheng ya Kanana, ho ya fihla le Kalde; mme le teng, ha o a ka wa kgolwa.

30. Pelo ya hao e kula hakaakang! ho rialo Morena Jehova, haele mona o entse tseo kaofela, ka mokgwa wa seotswa se hlaha,

31. wa ya haha moaho wa hao o sedikwadikwe makopanong wohle a ditsela, wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao mapatlelong wohle; o mpa o sa ka wa tshwana le seotswa kahohle, etswe o ne o kgesa moputso;

32. wa mpa wa lekisa mosadi wa mofebi ya nkelang basele tulong tsa monna wa hae.

33. Haele diotswa tsohle, di ye di nke neo; empa wena, o neile barati bohle ba hao neo tsa hao, wa ba qeka ka dimpho tsa hao, hore ba tle ho wena ba porotlile, ho tla bootsweng ba hao.

34. Haele wena, bootsweng ba hao, o ne o se jwaloka basadi ba bang, kamoo o neng o sa kopuwe bootswa ba hao kateng, le kamoo o neng o nea moputso kateng, o sa kang wa o newa, wena. Ka mokgwa o jwalo, o ne o le ka hosele ho ba bang.

Esekiele 16