Esekiele 12:21-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

22. Mora motho, polelo ke efe eo le nang le yona naheng ya Iseraele, ha le re: Matsatsi a ntse a eketseha, empa pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo e a timela?

23. Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke tla kgaoletsa polelo eo, e tle e se ke ya nna ya phetwa Iseraeleng. O mpe o re ho bona: Matsatsi a ntse a atamela, le yona ketsahatso ya pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo;

24. hobane ho ke ke ha eba pono e nngwe ya mohlolo e tlang ho ba lefeela, leha e le boporofeta ba leshano tlung ya Iseraele, hobane ke nna Jehova.

Esekiele 12