1. Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.
2. Ka selemo sa bohlano sa ha morena Jojakine a isitswe kgolehong, ka la bohlano ho kgwedi,
3. lentswe la Jehova la tlela Esekiele, mora Busi moprista, a le naheng ya Bakalde, pela noka ya Kebare; letsoho la Jehova la eba ho yena hona teng.
4. Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;