18. Kamoo letsoho le molemo la Modimo wa rona le neng le ntse le le ho rona kateng, ba re tlisetsa monna ya kelello wa bara ba Mahadi, mora Levi, mora Iseraele, e leng Sherebia le bara ba hae le banababo, ba entse leshome le metso e robileng meno e le mmedi;
19. e mong ke Hashabia, a ena le Esaia wa bara ba Merari, le banababo le bara ba bona, ba entse mashome a mabedi.
20. Ha tla le Banethinime ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi ba kgethilweng ka mabitso kaofela a bona, e le bara ba Banethinime bao Davida le dihlooho ba neng ba ba neetse tshebeletso ya Balevi.