1. Mohla ho thwasang kgwedi ya bosupa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona. Yaba ke ha setjhaba se phuthehela Jerusalema jwaloka hoja ke motho a le mong.
2. Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo.
3. Ba tsosa aletare setsheng sa yona, leha ba ne ba ntse ba tshohile ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, mme teng ba hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso, e leng ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya.