Esaia 7:4-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.

5. Leha Siria le Efraime le mora Remalia ba rerile ho o etsa hampe, ba re:

6. A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikgapele motse, re bee mora Tabeele morena wa teng.

7. Morena Jehova o re: Taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya hlaha.

8. Hobane motse wa moreneng wa Siria ke Damaseka, mme hlooho ya Damaseka ke Retsine; dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha di fetile, Efraime o tla timetswa, ha e sa tla hlola e eba setjhaba.

9. Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.

10. Jehova a eketsa a re ho Akase:

11. Ikopele pontsho ho Jehova, Modimo wa hao, o kope hore e hlahe tlase lebitleng, leha e le hodimo lehodimong.

12. Empa Akase a araba, a re: Nke ke ka kopa letho, nke ke ka leka Jehova.

13. Yaba Esaia o re: Utlwang jwale, lona ba ntlo ya Davida: Hleka ke ntho e nyenyane ho lona ho kgathatsa batho, haele moo le kgathatsa le Modimo wa ka na?

14. Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).

Esaia 7