1. Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.
2. Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.
3. Yaba Jehova o re ho Esaia: Tloha jwale, o kgahlanyetse Akase, ho ye wena le Sheare-Jashube, mora hao; le tla mo fumana bofellong ba foro ya metsi a letsha le hodimo, mmileng wa tshimo eo ho hlatsuwang ho yona.
4. Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.
5. Leha Siria le Efraime le mora Remalia ba rerile ho o etsa hampe, ba re:
6. A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikgapele motse, re bee mora Tabeele morena wa teng.
7. Morena Jehova o re: Taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya hlaha.
8. Hobane motse wa moreneng wa Siria ke Damaseka, mme hlooho ya Damaseka ke Retsine; dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha di fetile, Efraime o tla timetswa, ha e sa tla hlola e eba setjhaba.
9. Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.
10. Jehova a eketsa a re ho Akase:
11. Ikopele pontsho ho Jehova, Modimo wa hao, o kope hore e hlahe tlase lebitleng, leha e le hodimo lehodimong.
12. Empa Akase a araba, a re: Nke ke ka kopa letho, nke ke ka leka Jehova.
13. Yaba Esaia o re: Utlwang jwale, lona ba ntlo ya Davida: Hleka ke ntho e nyenyane ho lona ho kgathatsa batho, haele moo le kgathatsa le Modimo wa ka na?
14. Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).
15. O tla ja lebese le dinotshi, a be a tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle.
16. Empa ngwana ha a eso ho tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle, lefatshe leo o tshabang marena a lona a mabedi, le tla senyeha.
17. Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.