Esaia 64:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang?

6. Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.

7. Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona.

8. Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.

9. Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.

Esaia 64