Esaia 43:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!

2. Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.

3. Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.

4. Hobane o bile thata mahlong a ka, mme ke o hlonephile, ke o ratile; ke bea batho bakeng sa hao, le ditjhaba ho lopolla bophelo ba hao.

5. O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.

6. Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;

7. e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.

8. Tlisang setjhaba sa difofu tse nang le mahlo, le ba sa utlweng ba nang le ditsebe!

9. Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!

Esaia 43