Esaia 40:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tshedisang, tshedisang setjhaba sa ka, ho bolela Modimo wa lona.

2. Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!

3. Lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang tsela ya Jehova feelleng, le latse mmila wa Modimo wa rona nahathothe.

4. Diphula tsohle di katwe, dithaba kaofela le maralla wohle a kokobetswe; dibaka tse ditutudu di batalatswe, hohle moo ho leng makukuno ho latswe.

5. Mme kganya ya Jehova e tla bonahala, nama yohle e tla e bona hammoho, hobane molomo wa Jehova o boletse.

6. Lentswe le leng le re: Howeletsa! Ho arajwa, ho thwe: Ke tla howeletsa ka dife? Ere: Nama yohle ke jwang, botle kaofela ba yona bo jwaloka palesa ya naha.

7. Jwang bo a omella, mme palesa e foforehe, ha e amilwe ke moya wa Jehova; ruri batho ke jwang.

Esaia 40