Esaia 34:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!

2. Hobane Jehova o halefetse ditjhaba tsohle, o halefetse makgotla a tsona kaofela; o di neetse thohako, o di neetse lefu.

Esaia 34