Esaia 29:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Tsatsing leo, ba thibaneng ditsebe ba tla utlwa ditaba tsa buka; mahlo a difofu a tla phunya bosiu le lefifi, a bone.

19. Mafutsana a tla eketsa ho thabela Jehova, bahloki ba itlotlise ka Mohalaledi wa Iseraele.

20. Hobane mohlorisi ha a sa tla ba teng, mosomi le yena o tla be a fedile, le batho bohle ba fadimehelang ho etsa bobe ba tla be ba tlositswe,

21. e leng ba tswang ba bang nyeweng, ba tjhehang ya sa kwekwetleng ditabeng kgotla, ba dihelang ya lokileng ka mashano a bona.

22. Ka baka leo, Jehova ya lopolotseng Abrahama o bolella ntlo ya Jakobo, o re: Jwale, Jakobo ha a sa tla ba le dihlong, sefahleho sa hae ha se sa tla hlola se swaba.

23. Hobane bana ba hae, mohla ba bonang mosebetsi wa matsoho a ka ho yena, ba tla tlotlisa lebitso la ka; e, ba tla tlotlisa Mohalaledi wa Jakobo, ba hlonephe Modimo wa Iseraele.

24. Bao meya ya bona e neng e kgeloha, ba tla ithuta bohlale; ba neng ba nganga, ba tla amohela thuto.

Esaia 29