Esaia 26:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.

4. Le tshepe Jehova kamehla yohle, hobane Jehova, Jehova, ke lefika la kamehla yohle.

5. Hobane o kokobeditse ba ahileng nqalong tse phahameng; o dihile motse o moholo, o o dihetse fatshe, o o rapaladitse leroleng.

6. O hataketswe ka maoto, ka maoto a basenyehi, le ka maoto a bahloki.

7. Tsela ya motho ya lokileng ke tsela e latsitsweng; wena ya lokileng, o latsa mmila wa ya lokileng.

8. Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.

9. Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.

10. Motho e mobe ha a ka hauhelwa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ya toka, e nne e be motho ya kgopo, mme ha a tadime boholo ba Jehova.

Esaia 26